Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 24:46 - BIBELE

46 A re ho bona: “Ho ngotswe jwalo hore eka kgona Kreste a hlokofatswe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

46 A ntoo re ho bona: Ho ne ho ngodilwe jwalo, mme ho ne ho tshwanela hore Kreste a utlwiswe bohloko, mme a tsohe bafung ka letsatsi la boraro;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

46 A re ho bona: Ho ngodilwe jwalo, mme Kreste o ne a tshwanetse ho hlokofatswa, le ho tsoha bafung ka letsatsi la boraro.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 A re ho bona: Ho ngodilwe jwalo, mme Kreste o ne a tshwanetse ho hlokofatswa, le ho tsoha bafung ka letsatsi la boraro.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 24:46
11 Iomraidhean Croise  

Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.


Jwale a re ho bona: “Ke wona mantswe a ka, ao ke ileng ka le bolella wona ha ke sa na le lona, hore eka kgona ho phethahale tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, le Baporofeteng, le Dipesalemeng ka nna.”


ha a re: ‘Eka kgona Mora Motho a neelwe matsohong a baetsadibe, mme a thakgiswe, a nto tsoha ka tsatsi la boraro.’ ”


A ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore ho ne ho tshwanetse hore Mesia a hlokofatswe, mme a tsohe bafung, le hore “Jesu enwa, eo ke le tsebisang yena, ke Mesia.”


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,


“Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.”


Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


hobane ba ne ba eso utlwisise Mangolo a reng eka kgona a tsohe bafung.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan