Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 13:17 - BIBELE

17 Ha a rialo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong, mme letshwele lohle la thabela tsohle tse tlotlehang, tseo a di etsang.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A re a sa bolela taba tseo, bahanyetsi ba ha e ba swaba bohle; mme bongata bohle ba thabela mesebetsi yohle ya bokgabane e etswang ke yena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

17 Eitse hobane a bolele taba tseo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Eitse hobane a bolele taba tseo, bahanyetsi ba hae bohle ba hlajwa ke dihlong;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 13:17
19 Iomraidhean Croise  

Baqosi ba ka ba aparelwe ke dihlong, tlontlollo e be jwaloka seaparo seo ba ipopileng ka sona.


Mosebetsi wa hae o bonahatsa tlotla le botlotlehi, ho loka ha hae ho teng kamehla yohle.


Dira tsa hae ke tla di apesa dihlong; athe yena hloohong ya hae ho tla kganya mofapahlooho wa hae.”


Ako kgahlwe ho nnamolela, Morena; Morena, phakisa o nthuse.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.


“Batho bohle ba tla bua ka nna, ba re: ‘Ho loka le matla di ho Morena a inotshi.’ Bohle ba ileng ba mo halefela, ba tla tla ho yena, ba hlabiswe dihlong.


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Ba sitwa ho arabela ditaba tsena.


Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.


empa ba ne ba sa fumane seo ba ka se etsang, hobane batho bohle ba ne ba mo kgomaretse, ba mo mamela.


hobane di ne di ke ke tsa beta pelo ho mmotsa letho.


Yare hoba ba eketse ho ba hlokomedisa ka ditshokelo, ba ba lokolla. Ka baka la setjhaba ba hloka seo ba ka ba ahlolelang sona, hobane setjhaba sohle se ne se tlotlisa Modimo ka se etsahetseng.


Empa ba ke ke ba atleha hoyahoile, hobane bothoto ba bona bo tla pepeseha ho bohle, jwaloka bothoto ba bao ba babedi.


O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.


Empa etsang hona ka mosa le ka hlompho, matswalo a lona a kgutsitse, e le hore ba buang hampe ka metsamao ya lona e metle, ya Bokreste, ba tle ba hlajwe ke dihlong ke diketseletso tseo tsa bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan