Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Luka 12:21 - BIBELE

21 “O jwalo ya ipokellelang matlotlo, empa e se morui mahlong a Modimo.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ya ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Modimo, o jwalo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

21 Ho joalo le ka ea ipolokelang letlotlo, empa a sa ruela ho Molimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Ho joalo le ka ea ipolokelang letlotlo, empa a sa ruela ho Molimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Luka 12:21
14 Iomraidhean Croise  

E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana.


Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang.


“Ho madimabe ya ithuisang ka mano, ya hahang ntlo ya hae hodima qhowa, hore a tla tsebe ho phema koduwa.


Rekisang maruo a lona, mme le thuse mafutsana; iketsetseng mekotlana e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng, mahodimong, moo ho sa atameleng leshodu, leha e le tshwele ho senya,


Ha e le moo le sa ka la tshepahala leruong le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela la sebele?


“Empa ho madimabe lona barui, hobane le se le amohetse matshediso a lona.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.


Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


o re: Ke tseba matshwenyeho le bofutsana ba hao; leha ho le jwalo, o ruile. Ke tseba dinyefolo tsa ba reng ke Bajuda, empa e se bona, e le ba phutheho ya Satane.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan