Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 8:12 - BIBELE

12 A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 8:12
9 Iomraidhean Croise  

Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae.


Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


O nke ole ya ho tlotsa, o e tshele hodima hlooho ya hae, ebe o a mo tlotsa.


“O tlotse Arone le bara ba hae, mme o ba halaletse hore e tle e be baprista ba ka.


Le se ke la tswa monyakong wa Tente ya Morena, esere la shwa, hobane ole ya Morena e tlotsang e hodima dihlooho tsa lona.” Ba etsa kamoo Moshe a boletseng kateng.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


Mohla Morena a ba tlotsang, o ne a laele bana ba Iseraele hore ba ba fe seabo sena, mme hona ke molao wa mehla yohle, wa meloko ya bona.


Jwale Moshe a nka ole a tlotsang, le a mang a madi a neng a le hodima aletare, mme ka wona a foka Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae, le diaparo tsa bona. Yaba o halaletsa Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan