Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 7:36 - BIBELE

36 Mohla Morena a ba tlotsang, o ne a laele bana ba Iseraele hore ba ba fe seabo sena, mme hona ke molao wa mehla yohle, wa meloko ya bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Ke tseo Jehova a laelang bana ba Iseraele ho ba nea tsona, ho qala letsatsing leo a ba tlotsitseng ka lona. Hoo e tla ba molao wa kamehla melokong ya bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 7:36
6 Iomraidhean Croise  

Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”


“ ‘E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete.’ ”


A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele.


Jwale Moshe a nka ole a tlotsang, le a mang a madi a neng a le hodima aletare, mme ka wona a foka Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae, le diaparo tsa bona. Yaba o halaletsa Arone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona.


Na ha ke a ka ka kgetha ntatao hara merabe yohle ya Iseraele hore e be moprista wa ka, a nyolohele aletareng ya ka ho ya tjhesa mokubetso, le ho apara setipe kapele ho nna? Na ha ke a ka ka abela lelapa leno dinyehelo tsohle tsa setjheso tsa bana ba Iseraele?


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan