Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 6:30 - BIBELE

30 Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 6:30
8 Iomraidhean Croise  

Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.


Bonang, madi a podi eo ha a a ka a tliswa ka Sehalalelong! Le ne le tshwanela ebe le e jeletse Sehalalelong, jwalokaha ke le laetse.”


Morena a bua ho Moshe, a re:


“Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao.


Moprista e Moholo o tlisa madi a diphoofolo Sehalalelong e le nyehelo ka baka la sebe, empa ditopo tsa tsona di tjhesetswa kantle ho diahelo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan