Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 4:28 - BIBELE

28 Ha a elellwa sebe sena seo a se entseng, o tla tlisa nyehelo ya podi ya sethole, e se nang sepha, ka baka la sebe sa hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Etlare ha a lemoswa sebe seo a se entseng, o tla hlahisa sehlabelo bakeng sa sebe seo a se entseng, e le podi e tshehadi, e se nang sekodi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 4:28
12 Iomraidhean Croise  

Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”


Makgopo a rona o a a bona, dibe tsa rona tse patehileng wa di bea pontsheng ya hao.


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


O tla phaila ho le hokae, wena moradi ya hlokang botshepehi? Morena o etseditse lefatshe ntho e ntjha: Mosadi o tla sireletsa monna!”


Ha sebe sena se tsebahala, setjhaba se tla nyehela ka pohwana, e le nyehelo e tlosang sebe. E tla tliswa kapele ho Tente ya Morena.


Ha e elellwa sebe sena seo e se entseng, e tla tlisa nyehelo ya phooko, e se nang sepha.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


“ ‘Ha motho eo a tlisa konyana e le nyehelo e tlosang sebe, e be e tshehadi, e se nang sepha.


O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae.


Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan