Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 27:32 - BIBELE

32 Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Boshome bo bong le bo bong ba dikgomo le ba tse kgutshwane, ba tsohle tse tsamayang tlasa lere la modisa, bo kgethetswe Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 27:32
6 Iomraidhean Croise  

Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”


Metseng e dithabeng, le metseng e dikgohlong, le metseng e ka Borwa, le naheng ya Benjamine, le metseng e mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, badisa ba sa tla boela ba bala mehlape ya bona,” ho rialo Morena.


“ ‘Ke tla le busa ka thata, ke etse hore le ikokobeletse selekane sa ka.


Haeba motho a rata ho lopolla karolo ya hae e le nngwe ho tse leshome, o tla e eketsa ka karolo ya yona e le nngwe ho tse hlano.


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


“Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan