Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 23:4 - BIBELE

4 “ ‘Ena ke mekete e beilweng ya Morena, e leng diphutheho tse halalelang, tseo le tla di phatlalatsa ka dinako tsa tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke ena mekete ya Jehova, le diphutheho tse halalelang tseo le tlang ho di mema nakong ya tsona:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 23:4
9 Iomraidhean Croise  

le hore ba hlabe mokgosi, ba phatlalatse metseng yohle ya bona, le Jerusalema, ba re: “Nyolohelang thabeng, le reme makala a mohlwaare oo ditholwana tsa wona di etsang ole, le a mohlwaare wa naha, le makala a mohlakola, le makala a dipalema, le makala a difate tse mahlaku a teteaneng, ho tla etsa maphephe jwalokaha ho ngotswe.”


Letsatsi lena e tla ba la kgopotso ho lona, mme le tla le tlotlisa ka ho etsetsa Morena mokete. Meloko yohle ya lona e tla le boloka e le taelo ya mehla yohle.’ ”


“Ka selemo o tla nketsetsa mokete hararo.


Ariele! Ariele! O madimabe hakaakang! Wena motse oo Davida a kila emisa ho wona! A dilemo di fete ka ho latelana, le mekete ya hao e nne e hlahlamane.


“ ‘Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Dinako tsa mekete ya Morena, tseo le tla di phatlalatsa e le dinako tsa diphutheho tse halalelang, tsa mekete ya ka, ke tsena.”


Ka lona letsatsi leo o tla phatlalatsa hore ho tla ba le phutheho e halalelang ya lona, mme le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.


“ ‘Ena ke mekete ya Morena, eo le tla e phatlalatsa hore ke ya phutheho e halalelang, ke ya ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le sehlabelo, le nyehelo ya dino, mme nyehelo ka nngwe e etswe ka letsatsi la yona.


Bonang maoto a moromuwa hodima dithaba, maoto a ya tlisang molaetsa o molemo, ya phatlalatsang molaetsa wa kgotso! Wena Juda keteka mekete ya hao, dikano tsa hao o di phethahatse. Ya kgopo a ke ke a hlola a o futuhela, o timeditswe, a timeletswa ruri.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan