Levitike 22:11 - BIBELE11 Lekgoba leo moprista a le rekileng ka tjhelete ya hae, lona le ka ja dintho tseo tse halalelang. Le bohle ba tswaletsweng tlung ya moprista ba ka ja dijo tseo tsa hae. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)11 Empa ekare ha moprista a itheketse mohlanka ka tjhelete, yena o tla di ja; ho jwalo le bakeng sa ya tswaletsweng tlung ya hae; bona ba tla ja dijo tsa hae. Faic an caibideil |
“Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao.