Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 15:32 - BIBELE

32 Ona ke molao o etseditsweng monna ya qhitsang lero botoneng ba hae, kapa ya hoshotsang metsi a bonna, mme eba o ba sesila.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ke oo molao o beetsweng modutli, le ya leng sesila ka mohlapo,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 15:32
13 Iomraidhean Croise  

“Ona ke molao o amanang le Tempele: Sebaka sohle se e potapotileng, se kahodima thaba, ke sebaka se halalelang ka ho fetisisa. Ona ke wona molao o amanang le Tempele.”


“ ‘Ona ke molao wa diphoofolo, le wa dinonyana, le wa dibopuwa tsohle tse phelang, tse tsamayang kahara metsi, le wa dibopuwa tsohle tse hahabang hodima lefatshe.


Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.


“Ona e tla ba molao wa molepera, mohla a hlwekiswang. O tla tliswa ho moprista.


Ona ke molao o etseditsweng motho ya tswileng lepera, ya sitwang ho fumana tse hlokwang hore a hlwekiswe.”


Ona ke molao wa mefuta yohle ya lefu la lepera, le wa mmokwana;


“ ‘Ha monna a hoshotsa metsi a bonna ba hae, o tla tola mmele wohle ka metsi, mme o tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Hlokomedisa bana ba Iseraele sesila sa bona, esere ka ho silafatsa Tente ya ka, e teng hara bona, sesila sena sa bona sa ba bolaya.’ ”


Ebile ke molao o etseditsweng mosadi ka nako ya lehatlelo la hae, kapa ya nang le seso se qhitsang. Ke molao o etseditsweng monna le mosadi, le o etseditsweng monna ya robalang le mosadi ya sesila.


“Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


“ ‘Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa;


“ ‘Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo. Ha matsatsi a kgalaletso ya hae a fetile, o tla tliswa monyakong wa Tente ya Morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan