Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 14:4 - BIBELE

4 moprista o tla laela hore ya tlilo hlwekiswa a tlise dinonyana tse pedi, tse phelang, tse hlwekileng; thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 moprista o tla laela hore ya tshwanetseng ho itlhatswa, a tlisetswe dirobele di le pedi di sa utlwa, tse hlwekileng, le lehong la kedare, le krimsone, le hisopa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 14:4
11 Iomraidhean Croise  

Ruri ke bile ya sa lokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme.


Le nke le mahlaku a hisopa, le a ine mading a ka sekotlolong, le tlotse kosene e kahodimo ho monyako, le tse pedi tse ka mahlakoreng, ka madi a tswang ka sekotlolong. Ho se be motho ya tla tswa ka tlung ya hae ho fihlela hosasane.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba.


“ ‘Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.’ ”


Moprista o tla mo laela hore e nngwe ya dinonyana e bolaelwe ka sejaneng sa letsopa, se nang le metsi a sa tswa kguwa sedibeng.


Moprista o tla nka nonyana e phelang, le thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa, a di ine kaofela ka mading a nonyana e ileng ya bolawa.


“ ‘Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso.


Ba tla nka lehlaku la hisopa, ba le ine metsing, ebe monna ya hlwekileng o foka ka wona hodima tente, le hodima tsohle, le hodima bohle ba moo, le hodima monna eo ya ileng a ama lesapo kapa motho ya bolailweng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lebitla.


Jwale moprista a nke patsi ya sefate sa kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, a di akgele mollong, moo sethole se ntseng se etjha teng.


Moshe o ile a balla setjhaba sohle ditaelo tsohle ka ho ya ka Molao, a nto nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo bofubelu, le lehlaku la hisopa, a foka buka ya Molao le batho bohle,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan