Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Levitike 13:52 - BIBELE

52 Moprista o tla tjhesa seaparo sena sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e nang le lefu lena. Ke lepera le tshwaetsang. Seaparo seo se tla tjheswa ka mollo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Ho tla tjheswa seaparo seo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng tsa lene, kapa tsa boya, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o nang le letheba, etswe e le lepera le topetseng; e ka kgona o tjheswe ka mollo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Levitike 13:52
10 Iomraidhean Croise  

Medimo ya lona ya bohata, e manehilweng silefera, le medimo ya lona ya ditshwantsho, e manehilweng kgauta, le tla e silafatsa, le e lahle jwaloka lesela la lehatlelo, le re ho yona: “Tlohang mona!”


Sejana se seng le se seng sa letsopa, seo e nngwe ya tsona e welang kahara sona, tsohle tse ka ho sona di tla silafala, mme sejana seo eka kgona le se pshatle.


Ntho efe le efe eo ho hong ha dififi tsa tsona ho welang hodima yona e tla silafala; haeba e le onto kapa mohaolwana, eka kgona di pshatlwe. Di silafetse, mme le ho lona e tla ba di silafetse.


“Haeba seaparo se ena le lefu la lepera, e ka ba seaparo sa boya, kapa sa lesela la lene,


kapa se entsweng ka lene, kapa boya, kapa eng le eng e entsweng ka letlalo,


Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a hlahloba seaparo seo. Haeba lefu lena le anetse seaparo, kapa lesela la lene, kapa le lohilweng ka boya, kapa letlalo le sebediswang mosebetsing ofe kapa ofe, hoo ke lepera le tshwaetsang, mme seaparo seo se sesila.


“Ha moprista a hlahloba seaparo sena se entsweng ka lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ke letlalo, mme a bona hore lefu lena ha le a se anela,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan