Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Joshua 7:3 - BIBELE

3 Ha ba kgutlela ho Joshua, ba re ho yena: “O se ke wa romela bahlabani bohle. Romela bahlabani ba ka bang kete tse pedi kapa ba ka bang kete tse tharo ho futuhela Ai. O se ke wa kgathatsa bahlabani bohle ho ya moo, hobane baahi ba Ai ba mmalwana.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba boela ho Joshua, ba re ho yena: Ho se ke ha ya setjhaba kaofela; ho ye banna ba ka bang kete tse pedi, kapa tse tharo, ba futuhele Ai; o se ke wa kgathatsa setjhaba kaofela, etswe ba se bakae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Joshua 7:3
9 Iomraidhean Croise  

Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona, se leqe ho sebetsa, ho sebetsa ka matsoho a sona;


“Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ke a le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitwa.


A re thahaselleng ho kena phomolong eo, esere ka mokgwa o tshwanang le wane, ba bang ba wa, ka ho latela mohlala wa ho se mamele.


Ha Joshua a le Jeriko a roma banna Ai, e pela Bete-Afene ka botjhabela ho Bethele. A bua ho bona, a re: “Tsamayang le yo hlwela naha.” Banna bao ba nyolohela teng, ba hlwela Ai.


Yaba bahlabani ba ka bang kete tse tharo ba nyolohela teng, empa ba baleha banna ba Ai.


Ka baka leo, bana beso, itekeng ka matla hore pitso le kgetho ya lona e tiye. Ka ho etsa jwalo, ha le ka ke la hlola le wela phosong.


Ka baka lena, lekang ka matla ho eketsa tse kgabane tumelong ya lona, le eketse tsebo, ho tse kgabane tsa lona,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan