Lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, hobane e mong le e mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la morabe wa bo-ntatae.
Kahoo lefa la bana ba Iseraele le ke ke la tloha morabeng o mong la ya ho o mong, empa morabe o mong le o mong wa bana ba Iseraele o tla kgomarela lefa la bo-ntata wona.’ ”
Yaba Joshua o re ho setjhaba sohle: “Bonang, lejwe lena e tla ba paki e tla re tswa, hobane le utlwile dipolelo tsohle tsa Morena, tseo a di buileng ho rona. Ka baka leo, ke paki e tla le tswa, haeba le ka latola Modimo wa lona.”