Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Joshua 23:13 - BIBELE

13 le hle le tsebe hore Morena Modimo wa lona, a ke ke a hlola a falatsa ditjhaba tsena kapele ho lona. Ditjhaba tseo e tla ba leraba le sefi ho lona, le phafa dikgopong tsa lona, le meutlwa ka mahlong a lona, ho fihlela le timela naheng ena e ntle, eo Morena Modimo wa lona, a le neileng yona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Joshua 23:13
24 Iomraidhean Croise  

Ha Solomone a se a tsofetse, basadi bana ba hae ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng. Pelo ya hae ya se ke ya hlola e tshepahala ka ho tlala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha pelo ya Davida, ntatae, yona e ne e tshepahala.


Ka baka leo, Morena a halefela Baiseraele haholo, a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, ha se ke ha sala le ya mong, haese ba morabe wa Juda feela.


Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


Kgosi ya Babilona ya ba kgakgatha, ya ba bolaela hona moo Ribela, naheng ya Hamate. Yaba ka mokgwa o jwalo Bajuda ba ntshwa naheng ya bona.


Setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane, le balaodi ba mabotho, sa balehela Egepeta, hobane se ne se tshaba Bakalatiya.


Bakeng sa dijo ba nneile leshokgwa, ha ke nyorilwe ba nnea asene.


Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?”


Ha ba ka ke ba aha naheng ya hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe, hobane ha o ka sebeletsa medimo ya bona, hoo e tla ba leraba ho wena.”


Hlokomela, o se ke wa etsa selekane la baahi ba naha eo o yang ho yona, esere selekane seo ya eba leraba hara lona.


O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.


“ ‘Ditjhaba tsohle tse ahelaneng le Baiseraele, tse neng di ba nyedisa, ha di sa tla hlola di iketsa meutlwa kapa metsu ya leoka e ba hlabang habohloko. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo.


“ ‘Empa haeba le sa leleke baahi ba naha eo kapele ho lona, ho tla etsahala hore bao le ba tlohetseng ba be jwaloka metsu ka mahlong a lona, le meutlwa dikgopong tsa lona, ba le tshwenye naheng eo le ahileng ho yona.


Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.”


Morena a halefa, a ba bohalehale, a ba phahla naheng ya bona, mme ka kgalefo e kgolo a ba lelekela naheng esele moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.’


kajeno ke le bolella hore ruri le tla timela. Le ke ke la phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona.


lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.


Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.”


ba hlaphohelwe, mme ba phonyohe lerabeng la Diabolosi ya ba tshwasitseng hore ba etse thato ya hae.


le nna, ho tloha jwale, ha ke sa tla hlola ke leleka ditjhaba tse kapele ho sona, tseo Joshua a ileng a di siya ha a eshwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan