Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Joshua 21:4 - BIBELE

4 Lotho la malapa a Kohate la tswa. Bana ba moprista Arone, e leng Balevi, ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang ho ba morabe wa Juda, le ho ba morabe wa Simeone, le ho ba morabe wa Benjamine.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ho laolelwa matlo a Bakehathe, bana ba moprista Aarone, bao e leng Balevi, ba abelwa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Juda, le lelokong la Simeone, le lelokong la Benjamine.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Joshua 21:4
9 Iomraidhean Croise  

Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima,


Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


Ho Kohate ho tswile lelapa la Amorame, le ba lelapa la Isihare, le ba lelapa la Heborone, le ba lelapa la Usiele. Bana ke bona ba leloko la Kohate.


Ho ya ka taelo ya Morena, bana ba Iseraele ba nea Balevi metse ena e naheng ya bona, mmoho le makgulo a yona.


Bana ba Kohate ba setseng ba abelwa ka lotho metse e leshome, e tswang malapeng a morabe wa Efraime, le a morabe wa Dane, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.


Le Eleasare, mora wa Arone, a shwa. Ba mo epela Gibea, motseng wa mora wa hae Finease, oo a neng a o newe, o naheng e maralla ya Efraime.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan