Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 38:8 - BIBELE

8 “Mohla lewatle le phatlohang mohloding wa lona, menyako e ne tinketswe ke mang ho le thibela?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke mang ya kwaletseng lewatle ka menyako, mohla le kgaolang dithapo tsa lona jwaloka ngwana ya tswang popelong,

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 38:8
13 Iomraidhean Croise  

Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo.


Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.


Ha Modimo a nea moya matla a wona, le mawatle a a sehela moedi;


ha ke ne ke le sehela meedi ya lona, ke le tinkeletsa ka mamati le mekwallo,


Ha ke ne ke le etsetsa kobo ya maru, ke le tlama mokgubu ka fifi la bo-nka-ntjana;


O le apesitse ka lewatle jwalokaha eka ke ka kobo, metsi a ne a kwahetse dithaba.


Le bona ba bone mesebetsi ya Morena, le dimakatso tsa hae madibeng.


Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae.


Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!


ha a sehela lewatle moedi wa lona, metsi a se ke a tlola taelo ya hae; le ha a rala metheo ya lefatshe.


Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang?


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan