Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 13:15 - BIBELE

15 Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 13:15
20 Iomraidhean Croise  

Leha nka tsamaya kgohlong e lefifi, nke ke ka tshaba bobe, hobane o na le nna, lere la hao le molamu wa hao di a nkgothatsa.


Empa Modimo o tseba metsamao ya ka; ha a nteka ke tla tswa ke hlwekile seka kgauta.


Haeba matswalo a rona a re qosa, re a tseba hore Modimo o moholo ho feta matswalo a rona, mme o tseba tsohle.


Ha nka ke ka dumela hore le nepile, ke tla be ke yo shwa ke ntse ke itatola.


Ya kgopo o fediswa ke bokgopo ba hae, ya lokileng o na le letshepa, esita le lefung la hae.


Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato.


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


“Na monyatsi a ka phea kgang le Ya Matla wohle? Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”


Ke mang ya ka mpuellang ho Modimo jwalokaha ho buellwa motho ho motswalle?


leha matsoho a ka a sa fuparela bokgopo, le thapelo ya ka ho Modimo e hlwekile.”


Matsatsi a ka a potlaka sa nale ya selohi, a be a fele tshepo yona e nkwekwetla.


Wena o a tseba ho nna bokgopo ha bo yo, mme ha ho ya ka ntopollang matsohong a hao.


Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle, ho ipiletsa ho Modimo ke ho tjhesehela haholo.


Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae,


nna ke tla nne ke ithabelle Morena, ke nyakallele Modimo, Mopholosi wa ka.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan