Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jobo 1:22 - BIBELE

22 Ho tsena tsohle tse etsahetseng, Jobo ha a a ka a etsa sebe, kapa a re Modimo o sebeditse ka mokgwa o sa mo tshwaneleng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ho tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe, mme ha a ka a bea molato ho Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jobo 1:22
11 Iomraidhean Croise  

Ka letsatsi le leng hape mangeloi a Modimo a tla kapele ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona kapele ho Morena.


Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.


“Lona bahlalefi, mmameleng ke hona: Modimo a ke ke a ba a etsa bokgopo, Ya Matla wohle a ke ke a ba a etsa phoso.


Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela.


Rona re re ya ikgohomosang ke yena ya lehlohonolo; ba etsang bokgopo ke bona ba atlehang. Ba ile ba phephetsa Modimo, empa ba se ke ba hlahelwa ke letho.’ ”


Motho towe, o mang wena o ka arabisanang le Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: “Keng ha o mpopile tjee?”


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


Mamello e ke e hlahise mosebetsi o phethehileng, e le hore le be batho ba phethehileng ka ho tlala, ba sa hlokeng letho.


Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan