Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 9:9 - BIBELE

9 Na ha ke a tshwanela ho ba otlela ketso tsee?” ho rialo Morena. “Na ha ke a tshwanela ho iphetetsa ka tjhaba se tjee?”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Na nka lesa jwang ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa moya wa ka o ka lesa jwang ho iphetetsa ho setjhaba se jwalo?

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 9:9
12 Iomraidhean Croise  

Ka baka lena, Morena, Morena mabotho, Ya Matla wa Iseraele o re: “Kgalefo ya ka ke tla e hlatsa, ke e hlatsetse hodima dira tsa ka, ke iphetetse ho ba ntwantshang.


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Majwe a boreledi, a dinokana, ke yona medimo ya lona, e, efela e le yona kabelo ya lona. Medingwana ena le e etsetsa nyehelo ya dino, le bile le e etsetsa le nyehelo ya dijo. Ebe na tse tjee di ka nthabisa?


Ba e fetotse lehwatata le omeletseng, le nkotlang pelo ha ke le bona. Naha yohle e fetohile lehwatata, hobane ha ho le ya mong ya e tsotellang.


Naha ee e tla dula e omeletse, e dule e omeletse ho fihlela neng, dimela di pone ho fihlela neng? Kahobane ba phelang naheng ena ba kgopo, diphoofolo le dinonyana di shwele. Ho feta mona, batho ba re: “Ha a na ho bona seo re se etsang.”


Ka tadima hape, ka bona ho se na motho, nonyana tsohle tsa lehodimo di balehile.


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Kahoo naha e tla apara bofifi, bohle ba phelang ho yona ba tla timela, ho timele dibatana tsa naha, ho timele nonyana tse fofang, tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!


Oho, Morena, ke ipiletsa ho wena, hobane hlaha e tjhesitse makgulo a lehwatata, fate tsohle le tsona tsa tjhella hara dithota.


Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang! Ena ke kodi-ya-malla eo ke e binelang lona:


“O wele Morwetsana, Iseraele, o wele, a ke ke a hlola a tsoha; o lahlilwe kgerehlwa naheng ya habo, O lahlilwe, ha ho ya mo tsosang.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan