Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 9:8 - BIBELE

8 Maleme a sona a ka metsu e mahloko, kamehla ha se bua, se bua leshano. Ka molomo, motho o bua hamonate, o bua ho motswalle, ka pelong o ntsa mo lokisetsa maraba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Maleme a bona ke motsu o bolayang, ba bolela bohata, ka molomo wa hae e mong a bolelle wa habo kgotso, empa matshwafong a hae a mo tjhehe ka sefi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 9:8
21 Iomraidhean Croise  

Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Batho ba bolellana mashano, maleme a bona a monate, empa ke bo-temepedi.


Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng?


Se nkahlole le ba kgopo, ba etsang tse sa lokang, ba buisanang le batho ka kgotso, empa pelo tsa bona di tletse bobe.


hobane ha ba bue tsa kgotso, empa batho ba kgotso, ba fatshe lena, ba ba lohela mano.


Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.


A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae.


Ruri ba rera ho mo diha boemong ba hae bo phahameng, ba thabela leshano. Ka melomo ba hlohonolofatsa motho, empa ka dipelong ba a mo rohaka.


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


Ya etseletsang mohahabo ka leshano ke koto kapa sabole, kapa motsu o ntjhotjho.


“Batho ba kgopo ba teng tjhabeng sa ka, ba lallang sa batshosi ba dinonyana, sa ba tjhehang difi hore ba kgate batho.


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


“Motho ka mong a hlokomele motswalle wa hae, ngwaneno le yena o se ke wa mo tshepa, hoba ngwanabo motho ka mong ke mokgohlisi, motswalle ka mong ke moetseletsi.


Motho ka mong o thetsana le motswalle, ha ho le ya mong ya buang nnete. Batho ba tlwaeditse maleme a bona ho bua leshano, ba ipakela mokgathala ka ho etsa sebe.


“Barui ba lona ke banna ba sehloho; tjhaba sa lona ke batho ba leshano, maleme a bona ke maleme a thetsang.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan