Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 9:13 - BIBELE

13 Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho itswe ke Jehova: Erekaha ba lahlile molao wa ka oo ke neng ke o beile pela bona, ba sa ka ba utlwa lentswe la ka, ba sa ka ba tsamaya ka lona;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 9:13
11 Iomraidhean Croise  

“Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,


“Jwale he, Modimo wa rona, re tla reng kamorao ho moo? Re furaletse melao ya hao


Ke halefiswa haholo ke ba kgopo, ba furallang Molao wa hao.


Ba tlolang molao ba thoholetsa ba kgopo, empa ba o bolokang ba hanyetsana le ba kgopo.


Setjhaba sena se kgopo, se hanang ho mamela dipolelo tsa ka, se latelang ditakatso tsa dipelo tsa sona tse manganga, se latelang medimo esele, se e sebeletsang, se e kgumamelang, se tla ba jwaloka senyepa sena se seng se hloka thuso ho hang.


Ba tla araba, ba re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bona, ba rapela medimo esele, ba e sebeletsa.’ ”


Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ”


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona.’


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan