Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 7:27 - BIBELE

27 “Ka baka lena, o tla ba bolella dipolelo tsena tsohle, empa ha ba ka ke ba o mamela; ha o ba bitsa ha ba na ho arabela.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 O ba bolelle ditaba tseo kaofela, empa ba ke ke ba o utlwa; o bitse ho bona, empa ba ke ke ba o araba.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 7:27
11 Iomraidhean Croise  

“Ke hobaneng ha ke fihla ke fumaneng ho se na motho? Yare ha ke bitsa ka hloka ya nkarabang? Na tsoho la ka le fokola hoo nke keng ka le lopolla? Na ke hloka matla a ho le namolela? Bonang! ha ke kgalema ke pshesa metsi a lewatle, dinoka tsona ke di fetole lehwatata; tlhapi tse phelang nokeng tseo di nkge, di re phu! di hloke metsi, di be di shwe ke lenyora.


lona ke tla le abela sabole, bohle le tla kgumama ba le bolaye, hobane ha ke bitsa ha le a ka la arabela, ka bua le lona la se ke la mamela. Le entse bokgopo moo ke ntseng ke le bona, la ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”


ba tla o tsohela matla, ba o lwantshe, empa ho o hlola ba ke ke be ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela,” ho rialo Morena.


Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


“ ‘Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho.


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan