Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 7:11 - BIBELE

11 Na Tempele ee e bitswang ka lebitso la ka, ho lona e fetohile lehaha la dinokwane? Empa hona ke ho bone! ho rialo Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ntlo ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, na ke lehaha la mashodu mahlong a lona na? Bonang, le nna ke se ke bone, ho bolela Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 7:11
16 Iomraidhean Croise  

o mo utlwe o le leahong la hao le lehodimong. Moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe hore Tempeleng ena eo ke e hahileng, ke moo o kgumamellwang teng.


Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna, ke mang ya le kopileng ho tla hatakela mabala a ka?


bona ke tla ba tlisa thabeng ya ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ya ka ya thapelo. Nyehelo tsa bona tsa setjheso le mahlabelo a bona, tsena ke tla di amohela aletareng ya ka, hobane ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, e bitswe ntlo ya thapelo ya ditjhaba tsohle.”


Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.


Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena.


hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,’ ho rialo Morena.”


ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle?


Ka melomo ya lona le ile la ithorisetsa nna, la mpuela mantswe a mangata a le fetang, mme ka a utlwa.’ ”


Oho, Modimo wa ka, ako sekehe tsebe, o mamele; ako tadime, o bone tshenyeho ya rona le ya motse ona o bitswang ka lebitso la hao. Dithapelo tsa rona ha re di lebise ho wena hobane re lokile, empa ke ka baka la ho tshepa mohau wa hao o moholo.


A re ho bona: “Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo,’ empa lona le e etsa ‘lehaha la dinokwane.’ ”


A ruta, a re ho bona: “Ana ha ho a ngolwa, ha thwe: “ ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo eo e leng ya ditjhaba tsohle’? Empa lona le e entse ‘lehaha la dinokwane!’ ”


a re ho ba rekisang maeba: “Tlosang ntho tsena mona; le se ke la etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!”


Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan