Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 5:4 - BIBELE

4 Yaba nna ke re: “Bana ke bathwana ba hlokang tsebo, bao tsela ya Modimo ba sa e tsebeng, ba sa tsebeng taelo tsa Modimo wa bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mme nna ka re: Bao ke mafutsana le mawatla, haele moo ba sa tsebe tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 5:4
11 Iomraidhean Croise  

Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.


Leha o ka e nea motho ya sa tsebeng ho bala, wa re ho yena: “E bale!” eo o tla re: “Ha ke tsebe ho bala!”


Bohle ba hloka kelello, ba thotofetse, thuto tsa medimo ya lehong ke tsa lefeela.


“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”


“ ‘Bonang mona, le tshepa dipolelo tsa leshano, tse ke keng tsa le tswela molemo.


Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe.


“Maleme a sona a kobehile sa seqha, leshano ke metsu eo se fulang ka yona; hase nnete e se neang matla lefatsheng. Bokgopo se bo etsa ka ho bo hlahlamanya, athe nna ha se ntsebe le ho ntseba,” ho rialo Morena.


Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.


Difofu di a bona, diritsa di a tsamaya, balepera ba a hlwekiswa, botsebetutu ba a utlwa, bafu ba a tsoha, mme mafutsana a bolellwa molaetsa o molemo.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan