Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 23:7 - BIBELE

7 “Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ba sa tlo ka ba re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 23:7
9 Iomraidhean Croise  

Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.


“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.


Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.


Le nkile silefera ya ka le kgauta ya ka, la isa matlotlo a ka a bohlokwa ka ditempeleng tsa lona.


“Ke tla bontsha tjhaba sa ka, ke se bontshe dimakatso, ke se bontshe tsona sa mohla se tswang Egepeta.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan