Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 19:14 - BIBELE

14 Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Jeremia o kgutla Tofethe moo Jehova a neng a mo rometse teng ho porofeta; a tla a ema lebaleng la ntlo ya Jehova, a re ho setjhaba kaofela:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 19:14
9 Iomraidhean Croise  

Jehoshafate a ema kahara setjhaba sa Juda le sa Jerusalema, a le Tempeleng ya Morena, kapele ho seotlwana se setjha.


Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema.


Yaba moporofeta Jeremia o bua ho setjhaba sohle sa Juda, le ho baahi bohle ba Jerusalema, o re:


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


Jwale moporofeta Jeremia, moo baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka Tempeleng ya Morena se ntseng se le teng, a araba moporofeta Hananiya.


“Eyang, le eme ka Tempeleng, mme le bolelle setjhaba ditaba tsohle tsa bophelo bona.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan