Jeremia 17:3 - BIBELE3 Thaba ya ka le naha e e potileng, maruo le matlotlo wohle a lona, tsena ke tla fana ka tsona e be lelobelo, ke fane ka dibaka tsa lona, baka tsa lona tsa borapedi, ka baka la sebe se entsweng naheng ena yohle. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)3 Thaba ya ka le masimo a yona, leruo la hao le matlotlo a hao kaofela, ke tla di neela kgapo, le tsona dinqalo tse diphahameng tsa hao, ka baka la sebe sa hao se meeding ya hao kaofela. Faic an caibideil |
“Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: “ ‘Sione e tla lengwa jwalokaha eka ke tshimo, Jerusalema yona e fetohe diqubu tsa majwe, leralla leo Tempele e hahilweng hodima lona le fetohe tututswana e aparetsweng ke moru.’