Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 15:20 - BIBELE

20 Ke tla o etsa lerako le haheleditsweng la lethose, tjhaba sena o tlo tsebe ho se hlola. Se tla o lwantsha, empa se ke ke be sa o hlola, hoba ke na le wena ho o pholosa le ho o lopolla,” ho rialo Morena.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ke tla o etsa lerako la koporo le thata ho setjhaba sena. Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke ntse ke na le wena ho o pholosa le ho a namolela, ho bolela Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 15:20
27 Iomraidhean Croise  

Pholoho ya ba lokileng e tswa ho Morena, ke yena setshabelo sa bona nakong ya tlokotsi.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Ditjhaba di a befa, mebuso e a sisinyeha; ha a kgaruma, lefatshe le a qhibidiha.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena, mme ke tla o pholosa,” ha rialo Morena.


Ke madimabe hakaakang, mme, ha o ila wa mpeleha, wa mpelehela hore ke be motho wa diqabang, motho wa meferefere hara lefatshe lohle! Ha ke a ka ka adima kapa ka adimana, empa e mong le e mong o a nthohaka.


“O a tseba, wena Morena, ako nkgopole, o ke o nketele, ako mphetetse ho batubi ba ka; kaha o na le mamello, se ke wa ntimetsa, hopola ke hlapaolwa ka lebaka la hao.


Jeremia a dula ka lebaleng la tjhankana ho fihlela ka letsatsi leo Jerusalema e ileng ya hapuwa ka lona. Le yena Jeremia o ne a le teng ha Jerusalema e hapuwa.


Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a fana ka taelo malebana le Jeremia, a re ho Nebusaradane, molaodi wa balebedi:


Le se ke la tshaba kgosi ya Babilona, eo le e tshabang hona jwale. Le se ke la e tshaba, hobane ke na le lona, ke tla le pholosa, ke le lopolle matsohong a yona, ho rialo Morena.


“Ke o entse mohlahlobi wa tjhaba sena sa ka, hore o tsebe tsela tsa sona, o di hlahlobe.


Ke tla etsa hore pelo ya hao e thatafale, mme o be manganga jwaloka bona.


Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.”


Haeba ho ka ba jwalo, Modimo wa rona eo re mo sebeletsang, o na le matla a ho re pholosa seboping se tukang malakabe, mme o tla re namolela matsohong a hao, wena kgosi.


Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan