Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jeremia 10:2 - BIBELE

2 Morena o bua tjena: “Se ithuteng mekgwa ya baditjhaba, se tshosweng ke dipontsho, pontsho tsa lehodimo, le hoja baditjhaba ba tshoswa ke tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Jehova: Le se ke la itemaletsa mekgwa ya ditjhaba, le se ke la tshoswa ke dipontsho tsa lehodimo, kahobane ditjhaba di tshoswa ke tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jeremia 10:2
10 Iomraidhean Croise  

Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo.


Lona ba ntlo ya Iseraele, mamelang seo Morena a se buang ho lona.


“ ‘Le re: “Re rata ho ba jwaloka baditjhaba, re be jwaloka baahi ba dinaha tse ding ba kgumamelang lehong le lejwe.” Empa seo le se nahanang ha se ka ke sa etsahala.’ ”


Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona.


Le se ke la latela melao ya ditjhaba tseo ke tla di leleka kapele ho lona, hobane di entse dintho tsena tsohle; kahoo ke ile ka di nyonya.


“Ha o fihla naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona, o se ke wa ithuta ho etsa manyala a tshwanang le a etswang ke ditjhaba tseo.


Ka re ho lona: ‘Ke nna Morena Modimo wa lona; le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le ahileng naheng ya bona.’ Empa ha le a ka la mmamela.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan