Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Jakobo 1:11 - BIBELE

11 Ha letsatsi le tjhaba ka lebatama la lona, bo a omella, palesa ya bona e wela fatshe, mme botle ba bona bo a fela. Le yena morui o tla fela jwalo, a ntse a le hara merero ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hobane letsatsi le re le sa tjhaba le mofuthumela wa lona, le phakise le pontshe jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le yena o tla pona jwalo metsamaong ya hae.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Baasraak Sotho NT

11 Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele;

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Jakobo 1:11
27 Iomraidhean Croise  

Ditjhaba di kgathala matla, di tswa di thothomela qhobosheaneng tsa tsona.


ka baka la bohale le kgalefo ya hao; hobane o ile wa mphamola, wa nto ntabanya!


Ditshiu tsa ka di fela jwaloka mosi, masapo a ka a tjha sa patsi mollong.


Ditshiu tsa motho di tshwana le tsa jwang; o tlokoma jwaloka palesa ya naha;


Ba tla omella kapele jwaloka jwang, ba tla pona jwaloka ditlama, ditlama tse talana.


Bona, matsatsi a ka o a lekantse, o a lekantse ka bophara ba seatla, bolelele ba bophelo ba ka hase letho mahlong a hao. Ruri motho ya phelang ke lefeela.


Hoseng bo a mela, bo palese; mantsiboya bo a pona, bo omelle.


Jwalokaha motho eo a tswetswe a le feela, o tla ya lebitleng a ntsa le feela. Hara tsohle tseo a di sebeditseng, a ke ke a nka le e nngwe ka letsoho la hae.


Ho madimabe mofaphlooho wa botlotlehi, oo matahwa a Efraime a kgabang ka wona! Ho madimabe thunthung e ponang, eo e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, eo matahwa a ikgantshang ka yona!


Thunthung e ponang, e leng tlotla ya botle ba hae, e metseng qetheng ya kgohlo e manoni, e tla ka feiye e butswang pele ho lehlabula, e kgolwang ke ya e bonang, ebe o a e ja.


Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.


empa hoba letsatsi le tjhabe, la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba.


ba re: ‘Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.’


Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?


Yare ha letsatsi le tjhaba la e tjhesa, ya omella, hobane metso e ne e sa teba.


ba phelang ka tsa lefatshe lena e ke ha ba di phelele, hobane mekgwa ya lefatshe lena e a feta.


le lefa le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona. Ke lona lefa leo le le boloketsweng lehodimong.


Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan