Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 40:4 - BIBELE

4 Dikgohlo tsohle di tla katwa, dithaba le maralla di bothalatswe, le tsona ditutudu di bothalatswe, baka tse makukuno di batalatswe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Diphula tsohle di katwe, dithaba kaofela le maralla wohle a kokobetswe; dibaka tse ditutudu di batalatswe, hohle moo ho leng makukuno ho latswe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 40:4
18 Iomraidhean Croise  

bao tsela tsa bona di kgopameng, metsamao ya bona e kgelohileng.


Lentswe la ya howang, le re: “Lokisang mmila wa Morena, le o lokise felleng, le otlollele Modimo wa rona mmila lehwatateng.


Tlotla ya Morena e tla bonahatswa, batho bohle ba tla e boha ba le mmoho, hoba Morena o boletse jwalo.”


Lehwatata le metse ya lona le ke le howe, metsana ya Bakedare e nyakalle. Baahi ba Sela ba bine ka thabo, ba howe ba le ditlhorong tsa dithaba.


Ke tla o etella pele, ke batalatse dithaba, menyako ya lethose ke e thuake, mekwallo ya tshepe ke e robake.


“Thabeng tsohle tsa ka ke tla etsa ditsela, mmila ya ka e katwe e tle e phahame.


Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele.


Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ”


Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Rola moqhaka, o role le wona mofapahlooho. Ditaba ha di sa tla ema jwaloka pele: Ba ikokobeditseng ba tla phahamiswa, empa ba iphahamisitseng ba tla kokobetswa.


“Wena thabahadi towe! O eng? Kapele ho Serubabele o tla batalla feela, mme ho wena, yena o tla kgephola lejwe la ho qetela la Tempele, a le bee tulong tsa lona, ho ntse ho etswa ditlatse, ho thwe: ‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’ ”


“Ke a le bolella, enwa o theohetse tlung ya hae a lokafaditswe ho ena le yane, hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, mme ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Kgohlo e nngwe le e nngwe e tla katwa, thaba ka nngwe le leralla ka leng di bothalatswe, ho kgopamileng ho otlollwe, ditsela tse makukuno di batalatswe,


Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan