Isaia 24:3 - BIBELE3 Fatshe le tla falatswa kahohlehohle, tsohle tsa lona le di amohuwe, hobane Morena o buile jwalo. Faic an caibideilSesotho 1909/1961 (SO)3 Naha e tla hlobodiswa kahohle, ho phahlwe tsa yona, hobane ke Jehova ya boletseng taba eo. Faic an caibideil |
Jwale lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo: Morena Modimo o bua tjena ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, le ho dithako tseo e seng e le masupi, le ho metse e setseng e le feela, e ileng ya fetoha lelobelo le sesomo ho masalla a baditjhaba a le potapotileng.