Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 17:13 - BIBELE

13 Tjhaba di tla kgoroha sa metsi a le mangata, empa ha Modimo a di kgalema di a baleha, di fefolwa ke moya sa mmoko hodima dithaba, jwalokaha mahlokwa a fefolwa ke sefefo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 17:13
33 Iomraidhean Croise  

hobane o emetse nyewe ya ka le ditokelo tsa ka, o dutse teroneng ya hao o le moahlodi ya lokileng.


Ba kgopo bona ha ba jwalo; empa ba jwaloka mmoko o fefolwang ke moya.


Ke hakae ba kang dirite ha moya o pepetla, ba kang mmoko ha sefefo se o fefera?


Matshwele a dira tsa hao a tla fetoha lerole, mphi tse sehloho di fefolwe sa mmoko, hanghang hona ho tla etsahala ka ho panya ha ntshi!


Kahoo ba tla tshwana le mouwane wa hoseng, ba je jwaloka phoka ya meso e hlohlorehang, ba be jwaloka mmoko o fefolwang ke moya seotlong, ba be jwaloka mosi o foqohang hodima ntlo.


Yaba tshepe, le letsopa, le lethose, le silefera, le kgauta, le tsona di a thuakana, di tshwana le mmoko o seotlong ha ho polwa e le hlabula. Moya wa di fefola, tsa nyamella ruri. Lejwe le ileng la thuakanya setshwantsho la fetoha thabahadi e ileng ya bonahala lefatsheng lohle.


Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.


Ke tla phetshela Baasiria naheng ya ka, dithabeng tsa ka ke ba hatakele; joko ya bona ke tla e tlosa hodima tjhaba sa ka, mojaro wa bona ke o tlose mahetleng a sona,


Ba ke ba tshwane le mmoko, mmoko o fefolwang ke moya, ha lengeloi la Morena le ba kgarametsa.


ka na ka re: ‘Maremelo a metsi a hao ke ana, maqhubu a hao a bilohang a tla fella mona!’


Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao;


ka baka lena, Morena o tla se tlisetsa kgoholedi e kgolo, e matla, ya Noka, kgosi ya Asiria le mabotho wohle a yona. Noka e tla thibela melatswana wa yona, metsi a phutsalle hodima mabopo a yona.


Ba balehile sabole e ntshitswe selateng, ba baleha diqha le malakabe a ntwa.


Ruri o tla o phuthaphutha ka thata sa pidikwane, a o lahlele hara naha e nammeng. O tla ya shwela naheng eo, le kariki tseo o itlotlang ka tsona di felle moo, wena ya tlontlolotseng lapa la monga hao.


Morena o di abetse naha ka lotho, ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana, di tla rua naha eo kamehla yohle, meloko ya tsona e phele ho yona ka ho hlahlamana.


Ruri tjhaba di ka lerothodi rothodi la metsi ka nkgong, di ka lerolenyana ha le le sekaleng; ho yena boima ba dihlekehleke bo ka lerolenyana.


Ba jwaloka sethopo se qetang ho hlongwa, seo metso ya sona e eso ka e tiya; ha moya wa Modimo o foka se ye se pone, setsokotsane se se fefole jwalokaha eka ke mmoko.


“Batho bohle ba o halefelang ba tla tlontloloha, ba aparelwe ke dihlong; batho bohle ba lwantshanang le wena ba tla fetoha lefeela, ba be ba timele.


nako e boletsweng e eso fihle, tsatsi leo le le fefola sa mmoko; pele kgalefo ya Morena e le fihlela, tsatsi la kgalefo ya Morena le le tjhabela.


o kgutsisa ho tuduana ha mawatle, ho tuduana ha maqhubu a wona, le ho dumaduma ha ditjhaba.


Ho phefumoloha ha hae ho ka nokana e eja ditlhokwa, metsi a nyoloha ho ya fihla molaleng, ho hlokola ditjhaba mafeela a tsona ho di kenya kgwathatha e tla di kgelosa tsela.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan