Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Isaia 16:1 - BIBELE

1 Thellang mmusi wa naha ka ho romela dikonyana, di romelwe di etswa Sela, mose wane ho lehwatata, di romelwe thabeng ya moradi wa Sione.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bamoabe, isang lekgetho la dikonyana ho mmusi wa lefatshe, le tlohe Sela, le ye ka lefeelleng ho ya kena thabeng ya moradi wa Sione.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Isaia 16:1
8 Iomraidhean Croise  

A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Mesha, kgosi ya Moabe, e ne e le morui wa dinku. Ka selemo se seng le se seng o ne a ntshetsa kgosi ya Iseraele lekgetho ka dikonyana tse dikete tse lekgolo, le ka boya ba dipheleu tse dikete tse lekgolo.


“Ka tjhelete ena o hlokomele hore o reke dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo, le dinyehelo tsa tsona tsa dino, mme ka tsena o etsetse nyehelo hodima aletare ya Tempele ya Morena Modimo wa hao, e Jerusalema.


Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema.


Lehwatata le metse ya lona le ke le howe, metsana ya Bakedare e nyakalle. Baahi ba Sela ba bine ka thabo, ba howe ba le ditlhorong tsa dithaba.


“ ‘Setjhaba sohle sa naha se tla etsetsa kgosana ya Iseraele nyehelo ena.


Ha e le wena, Tora ya Mohlape, wena qhobosheane ya Moradi wa Sione, o tla buseletswa puso ya hao ya pele, mmuso o kgutlele ho Moradi wa Jerusalema.”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan