Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 9:1 - BIBELE

1 Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, wa re ho bona: Atang, le ngatafale, le tlale lefatsheng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 9:1
13 Iomraidhean Croise  

Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.”


Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”


Ana ke wona malapa a bara ba Nowe, ho ya ka meloko ya bona, le ka merabe ya bona. Ditjhaba tse tswang ho bona di ile tsa arohana lefatsheng kamora morallo wa metsi.


Modimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa, hobane ka lona o ile a phomola mosebetsing wa hae wohle, oo a o entseng ka ho o hlola.


Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi.


Tswa le dibopuwa tsohle tse phelang: dinonyana, le diphoofolo, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, di tle di tswale haholo, di ate, di ngatafale lefatsheng.”


Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.


Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona.


“Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”


Haleluja! Ho lehlohonolo ya tshabang Morena, ya thabelang melao ya hae haholo.


Tadimang ho ntata lona, ntata lona Aborahama, le tadime le ho Sara ya le belehileng. Ha ke bitsa Aborahama o ne a se na ngwana, ka mo hlohonolofatsa, ka ba ka mo anafatsa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan