Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 5:29 - BIBELE

29 A mo rea lebitso la Nowe, a re: “Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona, le boimeng ba wona bo bakilweng ke thohako eo Morena a rohakileng mobu ka yona.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 A mo rea lebitso la Nowe, a re: Enwa o tla re phomotsa mosebetsing wa rona le mokgathaleng wa matsoho a rona ho tswang lefatsheng le rohakilweng ke Jehova.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 5:29
17 Iomraidhean Croise  

Hape Modimo ha a a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa o ile a tlisa morallo wa metsi lefatsheng la ba kgopo; a mpa a pholosa Nowe, ya neng a phatlalatsa tsa ho loka, le ba bang ba supileng.


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Jwaloka mehleng ya Nowe, ho tla ba jwalo ha Mora Motho a etla.


haeba Nowe le Daniele le Jobo ba ne ba phela naheng eo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla mora kapa moradi; ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela.


Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.


“Ho nna tsena di tshwana le tsa mehleng ya Nowe, ha ke ne ke hlapanya ke re: Morallo o ke ke wa eba teng hape; kahoo ke hlapanya hore nke ke ka hlola ke o halefela, nke ke ka hlola ke o kgalema.


Nowe, ha a se a hlaphohetswe, a tseba seo mora wa hae e monyenyane a ileng a se etsa ho yena.


Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.


mora wa Kainame, mora wa Arepakeshade, mora wa Sema, mora wa Nowe, mora wa Lameke,


Morena a timetsa tsohle tse phelang lefatsheng: batho le makgomo, dihahabi le dinonyana tse fofang; tsohle tsa timetswa lefatsheng. Ha sala Nowe feela le bao a neng a ena le bona ka arekeng.


hobane dihlodilweng di beilwe pusong ya lefeela, e seng ka ho rata ha tsona, empa e le ka baka la ya di beileng pusong ya lona. Leha ho le jwalo, tshepo e teng ya hore


Lameke o ne a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mmedi ha a tswala mora.


Hoba Nowe a tswalwe, Lameke a phela dilemo tse makgolo a mahlano le mashome a robong a metso e mehlano, mme a tswala bara ba bang le baradi.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan