Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 45:7 - BIBELE

7 Modimo o nthometse mona pele ho lona, hore le be le ditloholo naheng ena, le ho le baballa, hore le tle le pholohe le le bangata.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Modimo o nthomile kapele ho lona ho le boloka lefatsheng, le ho le pholosa ka pholoso e kgolo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 45:7
8 Iomraidhean Croise  

Le se ke la itshwabela, leha e le ho ikgalefela, kahobane le nthekisitse mona. Modimo o ntlisitse mona pele ho lona, hore bophelo bo tle bo bolokehe.


Josefa a fepa ntatae, le bana babo, le lelapa lohle la ntatae, ho ya ka palo ya baphedisuwa.


Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.


Eleasare le bahlabani ba hae ba ikema hara tshimo, ba e hapa, ba bolaya Bafilesita, mme Morena a ba tlisetsa tlholo e kgolo.


Ka baka leo, ke tla o boka hara ditjhaba, ke roke lebitso la hao Morena,


Hase ka sabole ba hapileng naha eo, leha e le ho hlola ka matsoho a bona; empa e bile ka tsoho la hao le letona, le ka sefea sa hao, le ka ho ba phuthollela fahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


“Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.


Samosone o ne a nyorilwe haholo, mme a ipiletsa ho Morena, a re: “Ka letsoho la mohlanka wa hao o fane ka tlholo ena e kgolohadi! Ebe jwale ke tla shwa ke lenyora? Kapa ke tla wela matsohong a maqai?”


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan