Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 45:6 - BIBELE

6 Tlala e se e aparetse naha ka dilemo tsena tse pedi, empa ho sa na le dilemo tse hlano tseo ka tsona ho sa tlo lengwa le ho kotulwa.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane dilemo ke tsena di pedi tlala e bileng teng lefatsheng, mme ho sa tla dilemo tse hlano tseo ho lema le ho kotula ho tlang ho ba siyo ho tsona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 45:6
13 Iomraidhean Croise  

Tsena ke ditaba tsa lelapa la Jakobo. Josefa ha a ena le dilemo tse leshome le metso e supileng o ne a disa mehlape le bana babo. Moshanyana enwa o ne a ena le bara ba Bileha le Silepa, basadi ba ntatae, mme Josefa a bolella ntatae ditaba tsa bona tse mpe.


Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng.


Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.


Yaba dilemo tsa nala, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, di a feta,


mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng.


Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta.


Ha selemo seo se fedile, ba tla ho yena ka selemo sa bobedi, ba re: “Ha re ka ke ra patela morena wa rona hore tjhelete e fedile, le leruo la diphoofolo le feletse ho morena ka. Ha re a sallwa ke letho leo morena ka a ka le bonang, haese mmele ya rona le masimo a rona.


Yaba Josefa o re ho setjhaba: “Bonang, kajeno lona le masimo a lona ke le reketse Faro. Jwale peo ke ena, mme le tla jala masimo.


“O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa.


Dipholo le ditonki tse lemang di tla ja furu e monate, e ileng ya oloswa ka kgarafu le ka kgafole.


Baholo ba motse oo ba tla theolela sethole seo ka kgohlong e nang le metsi a phallang, e eso ka e lengwa, kapa e eso ka e jalwa; ebe ba se robela molala kamoo ka kgohlong.


E tla ikgethela bona hore e be balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba mashome a mahlano; le ho lema masimo a yona, le ho a kotula; le ho e etsetsa dihlomo tsa ntwa, le dihlomo tsa dikariki tsa yona tsa ntwa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan