Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 42:18 - BIBELE

18 Ka letsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: “Etsang tjena, le tle le phele, hobane ke tshaba Modimo:

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 42:18
12 Iomraidhean Croise  

O se ke wa ba sotla, o mpe o tshabe Modimo wa hao.


Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.


A re: “Moahlodi ya sa tshabeng Modimo, ya sa reng letho ka motho, o ne a le teng motseng o mong.


Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka.


“A hana ka nako e itseng, empa hamorao a inahana, a re: ‘Leha ke sa tshabe Modimo, le motho ke sa re letho ka yena,


Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa.


Tlung ena ha a moholo ho nna; hape ha ho letho leo a nkganelang ka lona, haese wena, hobane o mosadi wa hae. Jwale nka etsa bokgopo bo bokaalo jwang, ka sitelwa Modimo?”


haeba le batho ba nnete, siyang e mong wa lona tjhankaneng, lona le tsamaye, le ise dijo malapeng a lona a lapang.


Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome.


Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.


Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.


Le se ke la qhekanyetsana, le mpe le tshabe Modimo wa lona, hobane ke nna Morena Modimo wa lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan