Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 39:7 - BIBELE

7 Kamora tsena mosadi wa monga hae a lakatsa Josefa, mme a re ho yena: “Robala le nna!”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Kamora ditaba tsena, mosadi wa mong a Josefa a isa mahlo ho yena, a re: Robala le nna!

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 39:7
19 Iomraidhean Croise  

bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.


Yare ha a re o mo nea tsona hore a je, Amanone a mo qhautsa ka letsoho, a re ho yena: “Tlo robale le nna, kgaitsedi ya ka!”


“Ke entse tumellano le mahlo a ka, hore ha a ka ke a tjhatjhehela kgarebe.


Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao.


Mora wa ka, ha baetsadibe ba o hohela, o se ke wa ineela ho bona.


O tla phemiswa mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo,


esere matla a lona a itjellwa ke ba bang, dilemo tsa lona tsa fella ho ya sehloho,


hoba seotswa, le ka sengwatho o ka se reka, athe sehlola sona se tsoma bophelo ba hao.


A mamarela mohlankana enwa, a mo aka, ka fahleho se hlokang tlhong a re ho yena:


Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.


Mateanong wohle a ditsela o ile wa haha dibaka tsa borapedi, wa tlontlolla botle ba hao, wa ipeketlela bohle ba fetang ka tsela, wa totisa bootswa ba hao.


“ ‘O mosadi wa sefebe, ya febang le banna ba bang, ho ena le ho rata monna wa hao!


Bootswa ba hao bo fapane le ba basadi ba bang ba diotswa, hobane ha ho monna ya o salamang hore o etse bootswa le yena. Wena ha o fumane moputso wa bootswa, empa ke wena ya fanang ka moputso: Ka baka leo, o fapane le diotswa tse ding.’ ”


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya tadimang mosadi ka ho mo lakatsa o se a mo febile pelong ya hae.


Mahlo a bona a tsoma bofebe kamehla, ba lakatsa sebe hoyahoile, ba tshwasa ba fokolang, dipelo tsa bona di tletse meharo. Ke batho ba rohakehileng.


hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan