Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 39:1 - BIBELE

1 Josefa a theolelwa Egepeta. Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi, monna wa Moegepeta, a mo reka ho Baishemaele ba neng ba mo tlisitse moo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Josefa a iswa Egepeta, mme Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi, Moegepeta, a mo reka ho Baishmaele ba mo isitseng teng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 39:1
7 Iomraidhean Croise  

Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.


Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.


Bamidiane ba rekisa Josefa Egepeta, ho Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi.


mme a ba bea tlung ya mookamedi wa balebedi, e ka tjhankaneng, moo Josefa a neng a kwaletswe teng.


Kahoo Josefa a re ho bana babo: “Atamelang ho nna hle!” Yaba ba a atamela, mme a re ho bona: “Ke nna Josefa, ngwanabo lona, eo le neng le mo rekise Egepeta.


yaba o romela monna e le selelekela: Josefa a rekiswa ho ba lekgoba.


“Baholoholo ba honohela Josefa, ba mo rekisa Egepeta, empa Modimo o ne a ena le yena,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan