Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 28:2 - BIBELE

2 Tsamaya, o ye Padane-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo ya tswalang mmao; o nyale mosadi teng ho baradi ba malomao Labane.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 28:2
16 Iomraidhean Croise  

Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


Rebeka o ne a ena le kgaitsedi ya hae, e bitswang Labane; yaba Labane o mathela ho monna eo ya sedibeng.


empa o tla ya naheng ya heso, le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka Isaka, mosadi teng.”


Yaba bo-Labane le Bethuele ba a araba, ba re: “Taba ena e tswa ho Morena; re ke ke ra bua le wena hampe kapa hantle.


Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame.


Ka mokgwa ona, Isaka a re Jakobo a tsamaye, mme yena a ya Padane-Arame ha Labane, mora wa Bethuele wa Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mma bo-Jakobo le Esau.


Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela.


A kganna diphoofolo tsa hae kaofela, a nka le thepa ya hae yohle, eo a e sebeleditseng, le leruo la diphoofolo leo a le fumaneng Padane-Arame, a kgutlela ho ntatae Isaka, naheng ya Kanana.


ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi.


Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Shekeme, naheng ya Kanana, a etswa Padane-Arame; a hloma ditente tsa hae pela motse oo.


Modimo a boela a iponahatsa ho Jakobo, hoba a kgutle Padane-Arame, mme a mo hlohonolofatsa.


Bana ke bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo ha ba le Padane-Arame, hammoho le moradi wa hae Dina. Bara le baradi ba hae bohle ba bile mashome a mararo a metso e meraro.


Jakobo o balehetse naheng, naheng ya Baarame, Iseraele a sebeletsa ho nyala mosadi, hore a tle a mo nyale, a alosa dinku.


Ka moporofeta, Morena a ntsha Iseraele Egepeta, mme ka moporofeta, a ba a mmaballa.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan