Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 19:34 - BIBELE

34 Ka letsatsi le hlahlamang e moholo a re ho e monyenyane: “Bona, bosiung ba maobane ke ile ka robala le ntate. Bosiung bona a re mo nwese veine hape, o tle o kene, o yo robala le yena, re tle re tsose leloko ka ntata rona.”

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Ka hosasane, e moholo a re ho moenae: Bona, ke letse ke robetse le ntate; a re mo nose veine hape ka bosiu ba kajeno, mme o kene, o robale le yena, mme re tsosetse ntata rona leloko.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 19:34
7 Iomraidhean Croise  

Bosiung boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e moholo a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha.


Le bosiung bona boo ba nwesa ntata bona veine; moradi e monyenyane a kena, mme a robala le ntatae. Yena ha a a ka a tseba ha moradi wa hae a kena dikobong, leha a tsoha.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


Kahoo mafafatsane a ile a thibelwa, pula ya hwetla le yona ya se ke ya na; empa wa tiisa phatla jwaloka seotswa, wa ngangella, dihlong tsa se ke tsa o hlaba.


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan