Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 15:14 - BIBELE

14 Empa ke tla ahlola setjhaba se tla di etsa makgoba, mme hamorao di tla tloha teng di ena le maruo a mangata.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa setjhaba seo ba tla beng ba se sebeleditse, ke tla se ahlola, mme kamorao ba tla tswa teng ba na le maruo a maholo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 15:14
24 Iomraidhean Croise  

“Ha Jakobo a se a fihlile Egepeta, bo-ntata lona ba ile ba ipiletsa ho Morena, yaba Morena o romela bo-Moshe le Arone, mme bao ba ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ba ba ahisa sebakeng sena.


Morena o tla ahlola, a ahlolele setjhaba sa hae, mme a qenehele bahlanka ba hae.


hobane Morena Modimo wa rona, ke yena ya re nyolotseng le bo-ntata rona Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. Ke yena ya entseng dipontsho tse kgolo, a re baballa tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.


Moo re ntseng re bona, Morena o ile a etsetsa Faro, le ba ntlo ya hae, le Baegepeta dipontsho, le mehlolo e tshosang.


Empa lona Morena o le ntshitse seboping se qhibidisang tshepe, sa Egepeta, hore lona le be setjhaba seo e leng sa hae, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae.


Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka;


Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”


Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae.


Jwale Iseraele a re ho Josefa: “Bona, nna ke se ke tla shwa, empa Modimo o tla ba le lona, a le kgutlisetse naheng ya bo-ntata lona.


Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.


Empa setjhaba se tla di etsa makgoba ke tla se ahlola,’ ha rialo Modimo, ‘mme kamorao ho tsena di tla tloha, di tlo ntshebeletsa sebakeng sena.’


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan