Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 13:2 - BIBELE

2 Aborame o ne a ruile mehlape e mengata, le silefera, le kgauta.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Abrame o ne a ruile makgomo, le silefera, le kgauta haholoholo.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 13:2
17 Iomraidhean Croise  

Ka baka la mosadi eo, Aborame a baballeha. A newa mehlape ya dinku le ya dikgomo, makgoba a banna le a basadi, ditonki tse tona le tse tshehadi, le dikamele.


e leng hore naha eo e ne e ke ke ya ba lekana haeba ba ne ba ka aha mmoho; maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ke ba aha mmoho.


Aborahama o ne a se a tsofetse, a atetswe ke ditshiu, mme Morena o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle.


Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki.


A ba le mehlape ya dinku le ya dikgomo, le bahlanka ba bangata, hoo Bafilesita ba ileng ba mo honohela.


Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.


Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae!


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.


Empa le hopole Morena Modimo wa lona, hobane ke yena ya le neang matla a hore le rue, hore a phethahatse selekane sa hae, seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona, jwaloka kajeno.


Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.


Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan