Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Genese 1:2 - BIBELE

2 Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Genese 1:2
17 Iomraidhean Croise  

Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”


Modimo o sarolotse leboya hodima sepakapaka, a leketlisa lefatshe hodima bofeelafeelane.


Ha ke ne ke le etsetsa kobo ya maru, ke le tlama mokgubu ka fifi la bo-nka-ntjana;


Tseleng e siya mophula wa metsi a benyang lekweba, o ka re moriri o moputswa o metse lewatleng.


Ha o romela moya wa hao, di a hloleha, mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.


O le apesitse ka lewatle jwalokaha eka ke ka kobo, metsi a ne a kwahetse dithaba.


O adile lefatshe hodima metsi; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Rorisang Morena, lona ba lefatsheng, lona dikganyapa tsa mawatle le tsa madiba wohle;


Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.


Ka tswalwa pele mawatle a eba teng, didiba tse kollang di eso ka di runya;


Jwalokaha nonyana di thathalatsa mapheo, Morena wa mabotho o sireletsa Jerusalema jwalo; o tla e sireletsa a e lopolle, a fete hodima yona a e pholose.”


Morena, Mmopi wa mahodimo, yena Modimo ya bopileng lefatshe, a le etsa, yena ya ileng a le tsitsisa, yena ya sa kang a le bopela lefeela, ya le bopetseng hore ho phelwe ho lona, o bua tjena: “Ke nna Morena, ha ho na e mong.


Ka tadima lefatshe, mme ka le bona le se na sebopeho, le se na letho; le mahodimo ha ke a tadima, ka fumana le wona a se na leredi.


Ninife e futuhetswe, ya lobelwa, ya timetswa! Pelo di saretswe, mangwele a a tsherema, matla a fedile, fahleho tsohle di pudufetse.


Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.


Jwaloka ntsu e phaphamisa madinyane a yona, e a okaokela, e thathalatsa mapheo, e hloibile madinyane a yona, e a jara ka mapheo a yona,


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan