Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Esdrase 9:7 - BIBELE

7 Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Esdrase 9:7
38 Iomraidhean Croise  

Empa ha ekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona moo naheng eo ya bathopi ba bona, ba o kopa, ba re: ‘Re sitilwe, re kgelohile, re entse bakgopo,’


Bo-ntata rona ba ile ba sitwa, ba etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa bo-ntata rona. Ba mo furaletse, mme mahlo a bona ha a sa tadimile Leaho la Morena, ba le furaletse.


Le se ke la etsisa bo-ntata lona, le bana babo lona, ba ileng ba sitelwa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ya ileng a ba etsa dintho tse tshabehang jwalokaha le bona.


le re: Morena o re: Ke tla dihela sebaka sena le baahi ba sona koduwa, le dithohako tsohle tse ngotsweng bukeng eo ba ileng ba e balla kgosi ya Juda.


“Tsena tsohle, tse re hlahetseng, di bakilwe ke diketso tsa rona tse kgopo, le ditshito tsa rona tse kgolo, empa wena, Modimo wa rona, o re otlile hanyenyane ho feta kamoo bokgopo ba rona bo leng kateng, mme wa re siela mesaletsana ena e teng.


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


Ho tloha mehleng ya kgalekgale ha ho ya kila utlwa, ha ho ya kila bona Modimo e mong ntle ho wena, Modimo ya thusang ba mo tshepileng.


e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;


A re paqameng fatshe ka dihlong tsa rona, sekgobo sa rona se re aparele, hoba re sitetswe Morena, Modimo wa rona, rona mmoho le bo-ntata rona; ho tloha botjheng ba rona ho fihlela kajeno, ha re a ka ra mamela Morena, Modimo wa rona.”


Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.


ka baka la bokgopo ba bana ba Iseraele le ba bana ba Juda, boo ba bo entseng hore ba nkgalefise, bona le dikgosi tsa bona, le babusi ba bona, le baprista ba bona, le baporofeta ba bona, le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema.


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Na le se le lebetse bokgopo ba bo-ntata lona, le bokgopo ba dikgosi tsa Juda, le bokgopo ba basadi ba bona, le bokgopo ba lona le bokgopo ba basadi ba lona, boo ba bo entseng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?


Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona.


Ke tla le ntsha kahara motse ona, ke neelane ka lona matsohong a baditjhaba, mme ke le ahlole!


Baditjhaba ba tla tseba hore ba ntlo ya Iseraele ba ile ba iswa bothopuweng ka baka la bokgopo ba bona, hobane ba ile ba ntshitelwa. Ka baka leo, ke ile ka ba patela sefahleho sa ka, ka neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, mme bohle ba ile ba bolawa ka sabole.


Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele.


Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan