Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -




Esdrase 5:1 - BIBELE

1 Baporofeta, e leng Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba porofetela Bajuda ba neng ba ahile naheng ya Juda le Jerusalema; ba ba porofetela ka lebitso la Modimo wa Iseraele ya ba okametseng.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale moporofeta Haggai le moporofeta Sakaria, mora Iddo, ba porofetela Bajuda ba leng Juda le Jerusalema ka lebitso la Modimo wa Iseraele o neng o bua le bona.

Faic an caibideil Dèan lethbhreac




Esdrase 5:1
9 Iomraidhean Croise  

Mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena Jerusalema, wa kgaotsa. Wa kgaotsa jwalo ho fihlela ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, kgosi ya Peresiya.


Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.


O tla ema, a alose mohlape wa hae, a o alose ka matla a tswang ho Morena, ka bitso le tlotlehang la Morena Modimo wa hae. Ba tla phela ba sireletsehile, hobane boholo ba hae bo tla nama, bo namele pheletsong tsa lefatshe.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya botshelela, ka selemo sa bobedi sa puso ya kgosi Dariuse, lentswe la Morena la fihla ka moporofeta Hagai ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, la re:


Yaba Morena o bua ka molomo wa moporofeta Hagai, o re:


‘Ho tloha kajeno, ho tloha hona ka tsatsi lena la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, hopolang letsatsi lena leo ka lona ho neng ho etswe motheo wa Tempele ya Morena. Hopolang letsatsi lena hantle:


Morena wa mabotho o bua tjena: “Jwale lona ba utlwang se builweng ke baporofeta ba neng ba le teng mohla ho bewang motheo wa Tempele ya Morena wa mabotho, tsohang molota, le hahe Tempele ena.


Lean sinn:

Sanasan


Sanasan